LEBITSO LA KETSAHALO: LETSATSI LA LEFA 2006
MOTHEO
Lefapha la Bonono le Setho (LBS) le sebetsa ha mmoho le mmuso wa provense wa Kapa Bophirimela, Motsemoholo wa Cape Town o tla tshwara Ho Ketekwa ha Letsatsi la Lefa ka 23 le 24 Loetse 2006 Cape Town.
Letsatsi la Lefa ke letsatsi la phomolo la setjhaba leo ka lona setjhaba sa Afrikaborwa, ha mmoho le baetapele ba dipolotiki ba yona le bahlomphehi ba bang ba keteka lefa la Afrikaborwa. Mookotaba wa Kgwedi ya Lefa ya 2004 ho fihlela 2006 ke ?Ho Keteka Setso Sa Rona (Bophelo Boo Re Bo Phelang)?. Mookotaba o monyenyane wa Kgwedi ya Lefa ke ?Ho Keteka Mmino wa Rona, Lefa la Rona?.
Dikarolo tsa Letsatsi la Lefa
Mekete ya Letsatsi le kenyeletsa dikarolo tse kopanetsweng tse latelang.
Lenane la molao le kenyeletsang dipuo tsa bahlomphehi ba fapaneng. Tsena di ye di etellwe pele ke salutu ya setjhaba phareiting ka Mabotho a Tshireletso a Afrikaborwa le difofane tse fofang di feta ka hodimo tsa lebotho la Sepakapakeng la Afrikaborwa.
Mmino wa ditletle, mohlomong sebakeng se fapaneng moo mefuta e fapaneng ya mmino wa Afrikaborwa e tla ketekwa teng ka diketsahalo tse ka thoko dikalaneng. Diketsahalo (ka thapama kaofela ho fihlela mantsiboya) di tla bontsha mefuta e fapaneng ya mmino wa Afrikaborwa ho tloha ho wa bodumedi, wa dikhwaere, wa setjhaba, wa opera, wa Ditlelasiki tsa Yuropo, wa jeze ho ya ho wa kwaito, mbaqanga, marabi ho ya ho wa hipi hopo. Ho tla ba hape le dibapadi tsa mehleng ena tsa mabitsobitso
Motse wa phomosetso wa Bahlomphehi sebakeng seo moo ba nang le kabelo le bahwebi ba indaseteri ba tla bang le monyetla wa ho hloma dipontsho tsa mmino tse tsamaelanang le thepa le ditshebeletso tse jwalo ka diDVD le kgwebo e nngwe ya mmino. Ho tla ba le thuso hape ya mafapha a mmuso ho amohela le ho phomosetsa bamemuwa ba Bahlomphehi.
E tla ba taba ya bohlokwa hore batho ba thendarang, ba atlehileng, ba hlahlobe dibaka Cape Town pele ho qalwa ka ho thendara. Bathendari ba lokela ho ba teng hape le dikopanong tse Kopanentsweng tsa Moralo ho lokisetseng ketsahalo ena. Bathendari ba ka buisana le Mong Phakamani Mthembu founung ya 441 3033 kapa seleng ya 082 789 1455.
DITATAISO TSA MOSEBETSI
KGOKAHANYO
E/TJHE/E HLOKOMETSWE
Mophehisi wa tshebeletso o tla lebellwa ho thusa ka tse latelang:
Sebaka sa 1: Ketsahalo ya Setjhaba ya semmuso
Ho thusa ka dimakhi tse pedi tsa bamemuwa ba ka bang 600 ba menngweng e mong le e mong ho ya ka ditlhaloso tse latelang:
Tente ya Palo ya Bahlomphehi (BH)(VIP) ya lenane la semmuso le diketsahalo tsa setho
Tente ya Palo ya sefokisamoya o phodileng (air conditioned) moo ho tla jellwa dijo tsa motsheare teng
Ditente tsa maemo tsa Bophahamo ba 2x tsa sebaka sa poloko sa ditshwantshi (4 x 5m)
Ditente tsa ho Fepela tse 2 x (Bahlanka ba mmuso le Phepelo ya setjhaba) e nngwe le e nngwe e be 6 x 12m
Tente ya Bophatlalatsi ba Ditaba (5 x 6m)
Tente ya batho ba holofetseng le maqheku (7 x 6m)
Mothendari a hlokomele hore ho be le dibotlolo tse 300 tsa metsi tenteng ya BH.
Kalana e moriting (10 x 12m)
O thuse ka kalana e moriting ya mokgabiso wa naheng ya rona/mesebetsi ya matsoho le khanopi ya moriti hore ebe moo ho tla etswang puo teng. Kalana le khanopi ya moriti di tlamehile ebe tsa maemo a hodimodimo e be le tsa boemo ba Biro ya Boemo ya Afrikaborwa (SABS).
Kalana ya moriti le khanopi ya moriti di hlahlojwe le ho fumantshwa setifikeiti sa hore di lokile ka hohle ho ya ka ho hahuwa ha tsona le hore di bolokehile ho ya ka moenjenere ya loketseng le ya nang le bolaodi le diprofeshenale tsa polokeho.
Mophehisi a hlokomele hore ho fana ka setifikeiti jwalo ho etswa ka ho ngolla moemedi ya kgethilweng wa Lefapha la Bonono le Setho hona sebakeng seo pele ho 12 ka kgitla ka 22 Loetse 2006. Ho se tswelwe pele ka ho haha kapa ho tshwara mona ho tshwarwa mane ka mora 12 kgitla nakong ya hore ho be ho qetilwe.
Kalana le yona e tla sebedisetswa ho bua, ho phetha dipontsho le dibente.
Kalana e be le karolo e ka morao e bontshang mookotaba, mookotaba o monyenyane, Lepetjo la Dihlomo la la Setjhaba le letshwao la lefapaha.
Khanopi ya moriti e be kalaneng e phahameng , mme e be le ditulo tsa bamemuwa ba Batho ba Hlomphehileng Haholo ba 10 (podium group).
Sefala
O thuse ka sefala sa ho behela ditaba (ho bua). Mosbeletsi o tla thusa ka lesela le letsho le nang le Letshwao la Puo le letshwao Lefapha la Bonono le Setho. Lesela e tla ba thepa ya Lefapha ka mora diketsahalo.
Ditulo
Thusa ka ditulo tsa polasetiki tse mabothobotho/ tse ikgethileng tsa bamemuwa ba Bahlomphehi ba hore ba dule ka tenteng.
Thusa ka ditulo tse mabothobotho/ tse ikgethileng tse 600 tsa Bahlomphehi hore ba dule ho tsona ha ba ja dijo tsa motsheare.
Thusa ka ditulo tse mabothobotho/ tse ikgethileng tse 50 tsa dihole le maqheku ka tenteng. (ha eba ho ka ba le sebaka se senyenyane, sebaka seo dihole di tla dulang ho sona se ka bat eng ka makhing a Bahlomphehi)
Thusa ka ditulo tse mabothobotho/ tse ikgethileng le ditafole tse pedi tenteng e nngwe le e nngwe e bolokelang thepa ya dipapadi.
Thusa ka ditulo tse mabothobotho/ikgethileng tse 20 tsa Bahlomphehi ba 20 khanoping e nngwe ya moriti .
Hlokomela hore ditulo di hlwekiseditswe ketsahalo.
Ditafole
Thusa ka ditafole tse leshome tsa kgutlonnetsepa ka masela a tafole le ditulo tsa polasetiki tsa dikgau, diphomosetso le mesebetsi e meng ya bohlokwa e fapaneng.
Ditanka tsa metsi
Thusa ka ditanka tsa metsi a nowang tse 2 x letsatsing la diketsahalo a tla nowa ke setjhaba. Ho be le motho ya tla disa sebaka seo a hlokomele hore tikoloho eo e dula e hlwekile.
Disebediswa tsa modumo
Thusa ka tsamaiso ya PA ya boemo bo hodimo e tla thusa ho bua le batho sebakeng se bulehileng e le hore modumo o tle o fihlelle batho ba bongata ba 15 000.
Thusa ka tsamaiso e hokehang ya modumo ya boemo bo hodimo e hlakileng le mola o ka morao wa dipontsho. Ditlhoko tsa tekgeniki ya motho a le mong tsa dihlopha tse binang di tla bat eng ha ho se ho tla qalwa.
Disekirini tse Kgolo
Thusa ka disekirini tse kgolo tsa motsheare tse pedi (3 x 5m) di behwe ka mahlakoreng a mabedi a kalana. Disekirini di tla ba le melaetsa e kenyeletsang tshebedisano le matshwao a Lefapha la Bonono le Setho le potefolio ya karolo ya lefa le phelang la lona, mmuso wa Kapa Bophirimela, Cape Town Metro, Moshito le basbedisani bohle ba bang ba tla Kenya letsoho ho ketekeng. Mothendari o tla kenyeletsa mokgabiso wa melaetsa ena e mekgutshwane.
Thuso ya tekgeniki e dulang e le malalaalaotswe
Ho be le moifo wa tekgeniki o tla tsamaisa thekenology sebakeng seo le ho rarolla mathata tekgeniki a modumo le mabone.
Jenereitara ya motlakase
Thusa ka jenereitara ya motlakase e nang le lerata le tlase ho thusa ka ditlhoko tsa motlakase ha motlakase o ka wa.
Matlwana a ka tsamaiswang
Thusa ka matlwana a dikhemikale a ka tsamaiswang a tlwaelehileng ho thusa setjhaba se tla ba teng. Matlwana a be teng dibakeng tse pedi ha mmoho. Thusa ka matlwana a dikhemikale a tsamaiswang a bile a hulwa ho tsamaisa dikgwerekgwere a Bahlomphehi ba 30 a boemo bo hodimo ho thusa Bahlomphehi ba menngweng. Matlwana a be teng dibakeng tse pedi ha mmoho.
Hlokomela hore matlwana a lekolwa kgafetsa hore a hlwekile ka letsatsi leo la diketsahalo.
Ditonka tsa dithwele tse 20 x di be teng sebakeng seo ka nako tsohle tsa diketsahalo.
Tlhwekiso ya sebaka (pele le ka mora diketsahalo)
Hlophisa tlhwekiso ya sebaka pele diketsahalo di phethwa.
Hlwekisa sebaka ka ho tlosa dithwele tsohle le disebediswa ka mora hore diketsahalo di phethwe.
Matshwao
Dibaka tsohle di sehelwe meedi hantle ho be le matshwao a nepahetseng.
Sebaka sa boemelo ba dikoloi
Hlokomela hore dibaka tsa boemelo ba dikoloi di behwa ho ya ka batho le taolo (Bahlomphehi, Dibese, basebeletsi, moifo, dipapadi, mapolesa, setjhaba, jj.)
Dithibela tsa taolo ya setjhaba
Thusa ka dithibela tsa taolo ya mokgopi e nepahetseng ho potoloha kalana le moo Bahlomphehi ba dutseng teng le dibaka tseo ho jellwang ho tsona dijo tsa motsheare.
Tshireletso
Hlophisetsa khampane ya praevete ya tshireletso ho sireletsa sebaka sa ketsahalo ka matsatsi a mabedi pele ho ketsahalo, ka nako ya ketsahalo le letsatsi ka mora ketsahalo, mme ho bokellwe disebediswa tsohle tse siilweng bosiung bo fetileng sebakeng seo ha ho lokisetswa le ka mora ketsahalo.
Hlophisetsa dimashale tse apereng yunifomo ho thusa moo ho kenwang teng hore ba hlahlobe batho mmeleng ha ba kena ho batla dibetsa le dithethebatsi tse thibetsweng. Ho thusa hape Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrikaborwa (TSSAB) ka taolo ya mokgopi motsheare mabaleng.
Sebaka sa 2: Mokete wa Mmino
Thusa ka motes wa Bahlomphehi wa phomolo, kgwebo le diinstitushene tse ding ho bapatsa thepa le ditshebeletso tsa mmino bosiu. (dibaka tsa papatso tse 15)
Thusa ka ditulo tse mabothobotho, ditafole le lesela la ho bapatsa sebaka le madulo a Bahlomphehi.
Thusa ka ho kgantsha ho kgabisa dipapatso le dibaka tseo ho dulwang ho tsona mahareng a disetolo tse fapaneng.
Thusa ka Bonono ho kgabisa mmino wa Afrikaborwa
Thusa ka matshwao ho hlwaya dibapatsi tse fapaneng le ditente tsa ho phomola tsa Bahlomphehi
Thusa ka makhi ya ho phomola eo e leng ya sehloho ya Lefapha ka ditulo tsa mabothobotho, ditafole, lesela la tafole
Sebaka sa ho emisa dikoloi se tshwauweng. Dihlopha tse latelang di lokela ho hlokomelwa: sebaka sa ho boloka dibese, Bahlomphehi (bamemuwa) sebaka sa ho emisa dikoloi sa Bahlomphehi (sehlopha sa sefala), sebaka sa ho emisa dikoloi sa bahlanka ba mmuso le baphatlalatsi ba ditaba.
Hloma kalana ya ho Phatlalatsa Ditaba sa ya dimitara 2 ka bolelele
Ditshebeletso tsa Montshetsipele wa Mmino di hlokeha ho:
Hokahanya mokete wa mmino, o nang le mefuta e fapaneng ya mmino e jwalo ka mmino wa tlelasiki, mmino wa dikhwaere, mmino wa setho, mmino wan aha, jeze, mmino wa bodumedi, kwaito, hipi hopo le mmino e meng.
Hokahanya dibini;
Hlophisetsa dikhonsarete ka tjhereokerafi le ho sebetsa ka ho fumana thepa ya ditshwantshi ho kenyeletswa teranseporoto, bodulo le ditba tse ding tsa taolo tse tsamaelanang le dibini
Fumana Baokamedi ba Lenaneo ba loketseng mabapi le dikhansarete tse fapaneng;
Ba lehokela mahareng a Lefapha le dibini
Montshetsipele wa Mmino o tla fumana le yena sebaka se loketseng sa ho ikwetlisa
Montshetsipele wa Mmino a thuse Lefapha la Bonono le Setho (LBS) ka phethiso ya moralo ya ho qetela ka kgwedi ka mora hore ba fumane mosebetsi. Hona ho ka tshohlwa le (ba)moemedi wa LBS ka ha LBS e lokela ho dumellwa monyetla wa ho hlahisa maikutlo ka hona.
Phomosetso
Phomosetso teneteng ya moo ho dulwang teng nakong ya lenaneo la semmuso le dipuo
Thusa ka dijo tse nyenyane (light snacks) tsa batho ba 600 makhing wa pele nakong eo ho tshwerweng lenaneo la semmuso. Thusa ka dinomaphodi, metsi le lero la ditholwana le ka dibotlolong. Phomosetso ha e a lokela ho feta R50 motho ka mong.
Mothendari a thuse ka disebediswa tsohle tse hlokehang ho hlokomela hore dijonyana (snacks) a tsholwa ka boemo bo hodimo.
Mothendari o lokela ho hlokomela hore dijo tsohle di kenyeletsa le tsa bas a jeng nama.
Phomosetso ya Bahlomphehi
Phomosetso e lokela ho lokisetswa batho ba 600. Sebaka sa moo ho tla jellwa teng ka bosona se hlaloswe haufi le nako ya diketsahalo ha di tla qala: le ha ho le jwalo, mothendari a itokisetse ho tsholela Bahlomphehi dijo tsa motsheare sebakeng sa diketsahlo kapa sebakeng se seng haufi le moo diketsahalo tsa semmuso di etsahallang teng.
Ka ha mookotaba wa diketsahalo e le ho keteka ditso tsa Afrikaborwa, mothendari o tla lebellwa hore a tshole dijo tsa motsheare tsa setso. Ho kgothaletswa hore ho kenyeletswe dijo tsa setso. (Setso mona se hlalosa provense le motsemoholo moo ho ketekwang Letsatsi la Lefa teng)
Lenane la dijo le kenyeletse mefuta e latelang ya djo:
dijo tsa Seafrika tsa setso tse mefuta e 3 x ;
dijo tsa mefuta e 2 x ya meroho;
disalate tsa mefuta e 3 x ;
dijo tsa mefuta e 2 x ya nama;
didisete tsa mefuta e 2 x; le tee le kofi (rooibos le tee ya Ceylon di be teng)
x biri ya setso le senomaphodi
Mefuta e meraro ya lethathama la dijo ya maemo a fapaneng e se key a ba ka hodimo ho R250 motho ka mong.
Mothendari a thuse ka tshebeletso ya bara. Bara e be le veine e kgubedu le e tshweu (e se nang tswekere le e nang le tswekere), hwiski, boranti le disipiriti, metsi a ka dibotlolong, dinomaphodi, mefuta e fapaneng ya lero la ditholwana le biri. Lenane la bara (ka mefuta ya dino le theko ya botlolo e seng dithoto) e kenyeletswe ditokomaneng tsa thendara. Mothendari a lekanyetse tjhelete ya ho jowa ha dijo kaofela karolong ya Bahlomphehi e sa feteng R100.00 motho ka mong. Hohang feela ho se be le thekiso ya ho nka dijo di tsamaiswe.
Taolo ya bara e be boemong ba mokete ona le boemo ba bamemuwa makhing wa Bahlomphehi.
Hore ho tle ho bolokwe ditjeho, dijo le dino tse sa sebediswang nakong ya dijo tsa motsheare di ka bolokelwa phomosetso ya diketsahalo tsa bosiu moo ho hlokomelwang bamemuwa LBS.
Mothendari a thuse ka disebediswa tse latelang:
dkotlolo le dithipa, difereko, dikgaba tse kgolo le tse nyenyane tsa bamemuwa ba ka bang (tsa boemo bo hodimo);
veine, lero la ditholwana le dikgalase tsa biri (tsa boemo bo hodimo);
dihatsetsi tsa veine tse 50 x masela a kgidikwe a tafole a 50 x le masela a manyenyane a tla behwa ka hodima la maholo (mmala o tsamaelane le mookotaba wa mmino)
disebediswa tse mofuthu;
ditafole tse 50 x (tse kgidikwe ebile di tsitse); le ditulo tsa mabothobotho tse 600 x (boemo bo hodimo ebile e se tsa polasetiki).
Mothendari o lokela ho thusa ka diweitara tse tla thusa ka dijo.
Mothendari a thuse ka dipalesa tse hlophisitsweng hantle le ka bokgabane tsa ditafole tsohle sebakeng seo. Mothendari a hlalose hore ke mofuta ofe wa dipalesa o tla hlophiswa o tla sebediswa hore o tssamaelane le mookotaba wa letsatsi/ ketsahalo.
Mothendari a thuse ka ho kgantsha makhi.
Mophomosetsi o lokela ho buisana le mookamedi wa sebaka hore a hlokomele hore dibaka tsohle tsa tshebetso e bobebe di a phethiswa. Ho be le mekgwa ya tlhokomelo ya tlokotsi hore ha motlakase o ka kgaoha kapa ha e ba le tlokotsi efe kapa efe e nngwe ho be le thuso.
Phomosetso ya setjhaba: Diphutelwana tsa dijo
Diphutelwana tsa dijo le tsona di be teng ho ya ka mekga e latelang
000 x ya setjhaba x moifo wa bahalnka ba mmuso;
x mapolesa le moifo wa basireletsi;
x dipapadi;
x baphatlalatsi ba ditaba;
x ba tsa bongaka/moifo wa tlokotsi; le
Diphutelwana tsa dijo di kenyeletse mefuta ya dijo e letelang:
Papa/setampo, nama le moro
Reisi; nama ya kgomo ya khari kapa nama ya kgoho ya khari;
Salate e le 1x e be teng le yona sephuthelwaneng se seng le se seng;
dijo tse seng kae tsa diphuthelwana tsa dijo tsa meroho feela ho se na nama;
Khene ya senomaphodi ya 340 ml kapa paente e le 1 ya lero la ditholwana sephuthelwaneng se seng le se seng.
Diphuthelwana tsa dijo di be ka mabokose a masweu a pholiesetere a kwalehang a tiile, mme ho kenyeletswe kgaba ya polasetiki le sarefete.
Diphuthelwana tsa dijo di ajwe mabaleng a setsing dimakhing tse hlwailweng ke bahlophisi jwalo ka ha ho kopilwe ntlheng ya 3.1.
Ditshwantsho tse hlakileng tse 2x tsa diphuthelwana tsa dijo tse ka bang teng, (di bulehile kapa di kwalehile) di kenyeletswe tokomaneng ya thendara.
Sephuthelwana se seng le se seng se se ke sa ba le theko e fetang R40,00
Ho kgothaletswa hore dikhampane tsa lehae (Provense ya Kapa Bophirimela) di fumane konteraka ho tswa ho tse sebedisanang le lefapha ka molaodi wa diketsahalo ho thusa ka ditshebeletso tse itseng.
Kgokahanyo
Sebedisana le bahlanka ba mmuso ba rometsweng ba LBS pele le ka letsatsi leo ka ho hokahanya mesebetsi yohle ya diketsahalo.
Sebedisana le bahlanka ba mmuso ba rometsweng pele le ka letsatsi leo ka ho hokahanya mesebetsi yohle dibakeng tse fapaneng.
Dihlophiso tsa Ditjhelete
Hlophollo ya tjhelete
Mothendari o tla thusa ka tlhphollo ya dintlha tsa ditjeho tse tsa tse latelang:
Motheo wa sebaka jwalo ka ha o hlalositswe tokomaneng ya thendara
Phomosetso jwalo ka ha e hlalositswe ho 3.5
Taolo/ Tjhelete ya ho sebetsa
Mothendari a thuse ka inshorense ya boikarabelo ya setjhaba le ya disebediswa tsohle tse tlisitsweng sebakeng seo.
Mothendari o lokela ho boloka rekoto ya ditshenyehelo tsohle tsa ditjhelete, mme a hlokomele hore tshenyehelo e dula e le ka moo e balletsweng ka teng ka tekanyetso ya ditjhelete.
Ho tla lebellwa hore mothendari a thuse ka bopaki ba tshenyehelo ka setatemente sa tjhelete dibekeng tse pedi ka mora hore ho qetwe ka ketsahalo.
Mothendari o lokela ho ba le mawa le phethiso ya tsamaiso ya taolo eo ka yona ditefello di ka nnang tsa phethwa ka teng ka botlalo. Taba ena e sebetseha ho SMME tse fumaneng dikonteraka ho tse ding ka basebeletsi ba itshetlehileng hodima tefello e potlakileng ya thepa le ditshebeletso hore ba ka tswela pele ka kgwebo
Mothendari o lokela ho hlokomela hore mokgwa wa ho sebedisa tjhelete ka ho e boloka ke taba ya bohlokwa ya ho lekola dithendara.
Ha mothendari a ka phumola ho tswela pele ka mosebetsi, mothendari o lokela ho kgutlisa tjhelete eo a lefe Lefapha ditefello kaofela ha tsona tse entsweng ke Lefapha.
Ho tswa ka maemo, ho tla qoswa.
Tsebiso / Mothendari a fane ka ditokomane
Mothendari a fane ke tse latelang:
Tokomane ya moralo wa Mosebetsi ka ditshupiso tse hlokehang.
Moralo wa sebaka o hlalosang sebaka le metheo ya sona le dibaka tsa moo ho tla sebeletswa teng dibakeng ka bobedi.
Moralo wa ho matlafatsa dikhamapani tsa lehae ka ho fuwa mosebetsi ke tse ding ho thusa ka ditshebeletso.
Mothendari o lokela ho hlokomela hore disitifikeiti tsohle tse hlokehang tsa boenjenere di teng ho hloma meaho ya nakwana le setifikeiti sa tumello mabapi le botsitso le polokeho ya meaho e qetilweng. Ditjeho tsa dihlahlobo le ho fana ka setifikeiti di kenyeletswe tekanyetsong ya tjhelete. Disetifikeiti tsohle di iswe hoMotlatsi wa Mookamedikakaretso wa Lefapha la Bonono le Setho: Lefa, Diakhaefe le Dilaeborari kapa moemedi wa hae ka 23 Loetse 2006 ka 12h00. Nako ena e sehetsweng moedi ha e na ho tlolwa.
Dinako tse behilweng
Mohla letsatsi la diketsahalo ke 24 Loetse 2006
Mothendari o lokela ho bat eng kopanong ya LBS bekng eo a filweng mosebetsi ka yona, mme o lokela ho bat eng le dikopanong tse ding tse leshome hape tsa ho rala ho feta moo tse tla tshwarelwa Lefapheng Pretoria, Cape Town le sebakeng sa diketsahalo .
Metheo yohle ya sebaka e lokela ho hlophiswa ka nako, mme e lokisetswe ka 12 motsheare, 23 Loetse 2006. Dipapadi di lokela hore ebe ba qala ho ikwetlisa le ho lekola medumo le disebediswa tse ding ka 13H00 ka 23 Loetse 2006.
Dipatlisiso
Dipatlisiso tsohle di lebiswe ho Mong Phakamani Mthembu founung ya 441-3033 le Mofhts PortiaMatlala founung ya 441 3550 kapa fekese ya 441 3706
Palo yohle: matshwao a 100
SEKALA
PALO
Tsebo, tsebo ya mosebetsi ya nako e fetileng ya ho thusa ka katleho diketsahalong tsa mofuta ona.
Bokgoni ba ho thusa ka moralo o moholo ha kana
Tsamaiso ya ditjehelete le rekoto ya ho ka arabela ka tsa ditjehelete.
Bohlaki le ho ka sebetseha ha tshisinyo le moralo wa sebaka.
Dijo tsa mameo tseo ho tla fanwa ka tsona.
Boemo bo hodimo ba diphuthelwana tsa dijo tseo ho tla fanwa ka tsona
Theko
Batho ba neng ba qheletswe thoko
Basadi
Ho holofala
